Seo o ka ithutang sona Ka moo dikgahla tsa tswala di amang ditjhelete tsa hao ho ipapisitse le hore na o a kadima kapa o kadimana ka tjhelete.
Ho na le dikakanyo tse ngata mabapi le hore na dikgahla tsa tswala di tla fokotswa selemong sena. Empa hantle sekgahla sa tswala ke eng mme se ama ditjhelete tsa hao ka tsela efe?
Sekgahla sa tswala se na le lehlakore le letle le lehlakore le lebe ho ipapisitswe le hore na o kadima kapa o kadimana ka tjhelete. Ka tlhaloso e nolofetseng, sekgahla sa tswala ke tjeo ya ho kadima tjhelete kapa poello matseteng bakeng sa ho kadimana ka tjhelete.
Haeba o etsa kadimo ya motho, o kadima tjhelete bankeng. Banka e o lefisa “tefiso” bakeng sa tshebeletso ena. Tefiso eo ke tswala. Tswala hantle ke tjeo ya ho sebedisa tjhelete ya motho e mong. Mehlala ke dikadimo tsa theko ya matlo, tjhelete ya ho reka makoloi, dikarete tsa mekitlane, dikadimo tsa tjhelete tsa baithuti, le diofadrafte.
Haeba o jala matsete akhaontong ya dipolokelo bankeng ya heno, o kadima banka ya hao tjhelete. Banka e o lefa “tefo” bakeng sa tshebeletso ena ka ditefo tsa tswala tsa nako le nako tse lekantsweng ka sekgahla sa tswala. O fumana tswala e le hlapiso bakeng sa ho dumella banka ho sebedisa tjhelete ya hao. Mehlala ya ho kadimana ka tjhelete ke ho jala matsete diyuniti terasteng, matlole a mebaraka ya ditjhelete, dibonto tsa mmuso, matlole a indekse, le matlole a tjhelete e fumanwang diphapanyetsanong tsa mefutatjhelete.
Sekgahla sa tswala ka tlwaelo se behwa e le phesente. Dihlahiswa tse fapaneng di na le dikgahla tsa tswala tse fapaneng. Dikgahla tsa tswala di lekanywa, hara tse ding, ke boemo ba mokadimani kapa mokadimi ba tsa ditjhelete, botelele ba nako ya kadimo, moruo wa naha, maemo a mebaraka, le
Nomnikelo o a hlalosa…
Sekgahla sa tswala bakeng sa akhaonto ya dipolokelo – ka mantswe a mang, tjhelete eo o ka e fumanang ho tswa bankeng – eo ka tlwaelo e fapafapanang dipakeng tsa 3,45% le 8,25%. Ka letsohong le leng, sekgahla sa tswala kareteng ya kerediti se ka tloha ho 11% ho fihla ho phahameng ha 27%! Ka tsela e tlwaelehileng, sekgahla sa tswala ya tjhelete e lefuwang ho motho se tlase ho feta sekgahla sa ho kadima tjhelete.
Ka nako ya ho phatlalatswa ha sekgahla sa tswala ke mmuso, seo hape se bitswang sekgahla sa repo, e leng 8,25 %. Sena ke sekgahla seo dibanka tsa poraefete (sekthara) di kadimang diranta ho tswa Bankeng ya Risefe ya Afrika Borwa. O ka fumana sekgahla se fetotsweng sa repo mona: Sekgahla sa tswala sa naha ke motheo bakeng sa dikgahla tsa tswala tsa nako e kgutshwane naheng. Ha o utlwa le ho bona ditlaleho tsa ditaba tse mabapi le dikgahla tsa tswala tse phahamang kapa tse theohang ka tlwaelo di bolela sekgahla sa repo sa naha.
Ka bokgutshwane
Ha o kadimana ka tjhelete o fumana tswala.Ha o kadima tjhelete o lefa tswala.
Nomnikelo o a hlalosa…
Sekgahla sa repo ke 8,25%.
Tshepo o kenya bonase ya hae ya R10 000 akhaontong ya dipolokelo e nang le sekgahla sa tswala se tsitsisitsweng sa 7%. Nakong ya dilemo tse hlano o fumana R4 026 e le tswala mme matsete a hae ke R14 026.
O etsa kadimo ya kaho ya ntlo ya R450 000 ho tswa bankeng ya hae ho reka ntlo. Banka e mo fa sekgahla sa tswala e lefiswang se fetofetohang sa 11% nakong ya dilemo tse 20. Tshepo o lokela ho lefa R4 645 ka kgwedi mme tjhelete eo a tla e lefa nakong ya dilemo tse 20 e tla ba R1 114 763.
Ata o batla ho tseba…
Ke kameho efe e tla ba ditjheleteng tsa ka haeba dikgahla tsa tswala di fokotswa?
Kameho e ipapisitse le hore na o mokadimi kapa mokadimani, o ka ba e mong wa bona kapa bobedi.
Bakeng sa bakadimi
E nngwe ya dikameho tse tobang ka ho fetisisa ke phokotseho e ka kgonahalang ho dikgahla tsa tswala, e ka kenyeletsang dikadimo tsa theko ya matlo, dikadimo tsa theko ya makoloi, dikadimo tsa batho, le dikarete tsa mekitlane. Bakadimi ba ka fumana ho le theko e tlase ho kadima tjhelete, e leng se lebisang ditefellong tsa kgwedi le kgwedi tse tlase.
Bakeng sa bakadimani
Ka lehlakoreng le seng monate, batho ba nang le diakhaonto tsa dipolokelo kapa matsete a mang a fanang ka tswala ba ka nna ba ba le ho nyehla ha lekeno la tswala. Dibanka di ka fana ka dikgahla tsa tswala dipolokelong tsa dihlahiswa, e leng se amang dipoello matseteng ana.
Nomnikelo o a hlalosa…
O sa hopola Tshepo? Ha re re sekgahla sa repo se kgaolwa ka 2% ho fihla ho 6,25%. Akhaonto ya dipolokelo ya hae e ke ke ya ameha hobane e na le sekgahla sa tswala se tsitsitseng. Kadimo ya hae ya ntlo, leha ho le jwalo, e na le sekgahla se fetofetohang se tla fokotseha ho tloha ho 11% ho ya ho 9%. Tshepo jwale o lokela ho lefa R4 049 feela ka kgwedi – o tla sallwa ke R596 pokothong ya hae kgwedi le kgwedi.